Mankoe Football Club

Mankoe Football Club

Share

Mankoe FC ke sehlopha sa bolo ea maoto sa metse ea Sefikaneng se bapalang boemong ba B- Division.

29/08/2026

Khotsong Mankoe a khabane:

Kamora liteko tse mmaloa tseo botsamaisi ba sehlopha bo li nkileng ho ngolisa libapali,re hlotsoe ho koala lenane le hlokehang bakeng sa ho kenela lipapali tsa B- division. Ka lebaka lena botsamaisi bo hlokile boikhethelo, kahona ba etsa qeto ho hula ngoliso ea sehlopha bakeng sa selemo sena sa lipapali.
Sehlopha se lakaletsa libapali tsohle tse ngolisitseng le lihlopha tse ling mahlohonolo e le ho ntsetsa talenta ea bona pele.

21/08/2026

Khotsong Mankoe a khabane.
Sehlopha sa rona se tla lahleheloa ke libapali tse khahlileng lihlopha tse ling selemong sena sa lipapali. Kahona sehlopha se ts'oere kathata ho buisana le lihlopha tsa metse e haufi le rona ho batla libapali tse koala likheo tseo e le ho bopa sehlopha se matla pele ngoliso e koala mafelo a khoeli.

04/08/2026

Lipapali tsa liki li tla qala mafelo a khoeli ea Phato monongoaha:

30/07/2026

Mankoe e phethela ngoliso ea sehlopha ka katleho;

Re hlaha mona ka thabo e kholo ho le tsebisa h**e sehlopha sa rona sa Mankoe Football Club se fetile mokhahlelo oa ho ngolisa le mokhatlo o tsamaisang bolo seterekeng sa Berea, DIFA Berea mokhahlelong oa B- Division ka katleho.

Leha ngoliso ea lihlopha e koalloa hosane ka la 31 Phupu 2026, Mankoe ese itlhahanetse Mme joale e tla fetela mokhahlelong o hlahlamang eleng oa ho ngolisa libapali.
Taba ena ke letšoao le letle haholo la kholo ea sehlopha sa rona mme re lokela bohle Mankoe re tšoaraneng ka matsoho, re tšehetse bashanyana.

17/07/2026

Kajeno ke letsatsi la tsoalo ea Motlotlehi, Khosi Letsie oa Boraro.

Re Holele Ra-Basotho. Happy 63rd Birthday, Your Majesty!

11/07/2026

Le lemong se tlang re tlo ba teng.

Photos from Mankoe Football Club's post 04/07/2026

Sehlopha sa rona se atlehile romela bana ba bahlano ho bonts’a talent ea bona ho LeFA TDS Trials Teyateyaneng maobane.
Ba khutlile ba thabile haholo ke monyetla le experience tseo ba li fumaneng.

Moifo oa sehlopha eme tjena:
Kabelo Joseph Lefuma - Under 12
Lungile Lemao - Under 12
Limpho Kaota - Under 13
Bakoena Moeletsi - Under 14
Keketso Sekantši - Under 14

02/07/2026

Ha bo esa!

27/06/2026

Khotsong Mankoe a khabane

Hosane, ka Sontaha ho tla ba le papali ea bashanyana ba under 14 ba Ha Moeketsi khahlanong le ba Ha Mpoba le ba Masemakeng under 14 lebaleng Sefikaneng Primary School.
Papali ena e molemong oa ho khetha ba ipabolang bakeng sa ho isoa TY for Trials beke e tlang.

20/06/2026

Khotsong Mankoe a khabane:

Kamora lipuisano tsa nako e telele, botsamaisi ba sehlopha bo fihletse qeto ea ho ngolisa sehlopha tournamenteng ea mariha Ha Mokonyana.
Sena hape ke boitukiso ba lipapali tsa liki. Re mema batsehetsi bohle ba sehlopha ho se sala morao ka mekhoa eohle e ka khonehang.

Want your business to be the top-listed Gym/sports Facility in Teyateyaneng?

Click here to claim your Sponsored Listing.

Location

Category

Telephone

Website

Address


Teyateyaneng

Opening Hours

Monday 09:00 - 17:00
Tuesday 09:00 - 17:00
Wednesday 09:00 - 17:00
Thursday 09:00 - 17:00
Friday 09:00 - 17:00
Saturday 09:00 - 17:00
Sunday 09:00 - 17:00